LUKA 24 - Sesotho 1989 (LO) (SSO89LO) (2024)

Jesu o tsoha bafung

(Mat. 28:1-10; Mar. 16:1-8; Joh. 20:1-10)

1Ka letsatsi le qalang beke ba ea lebitleng e sa le kameso, ba nkile litlolo tseo ba li lokisitseng. 2Ba fumana lejoe le phikoloselitsoe thōko le lebitla. 3Ha ba kena, ba se ke ba fumana setōpō sa Morena Jesu. 4Eare ba sa tsielehile ke hoo, bonang, banna ba babeli ba liaparo tse halimang, ba ema pel'a bona. 5Eare ha ba tšoha, 'me ba talima fatše, banna bao ba re ho bona: “Ea phelang le 'matlela'ng har'a bafu? 6Ha a eo mona, o tsohile bafung. Hopolang kamoo a neng a le bolelle kateng a sa le Galelea, 7ha a re: ‘Eka khona Mor'a Motho a neeloe matsohong a baetsalibe, 'me a thakhisoe, a nt'o tsoha ka tsatsi la boraro.’ ” 8Ba hopola lipolelo tsa Jesu.

9Hoba ba khutle lebitleng, ba tsebisa ba leshome le motso o mong le ba bang bohle litaba tseo tsohle. 10E ne e le Maria oa Magadala, le Johanna, le Maria, 'm'a Jakobo, le basali ba bang ba neng ba e-na le bona, ba neng ba bolella baapostola litaba tseo. 11Lipolelo tseo ea ka tšōmo ho bona, 'me ba se ke ba ba kholoa. 12Empa Petrose a ema, a mathela lebitleng; ha a fihla a nyarela, a bona masela feela; eaba o tloha a maketse ke se etsahetseng.

Leeto la ho ea Emmause

(Mar. 16:12,13)

13Ka lona letsatsi leo barutuoa ba babeli ba ne ba e-ea motsaneng o bitsoang Emmause, o bohōle ba likilomethara tse leshome le motso o mong ho tloha Jerusalema. 14Ba ne ba qoqa ka liketsahalo tseo tsohle. 15Ha ba ntse ba qoqa joalo, ba buisana, Jesu ka sebele a atamela, a tsamaea le bona, 16empa mahlo a bona a rebeha, ba se ke ba mo tseba.

17A re ho bona: “Litaba tseo le tsamaeang le buisana ka tsona ke life?”

Ba ema tlekelele! Ba soabile. 18E mong oa bona, ea bitsoang Keleopase, a mo araba, a re: “Na ebe ke uena feela u leng moeti moo Jerusalema, ea sa tsebeng tse etsahetseng teng matsatsing aa?”

19A re ho bona: “Life?”

Ba re ho eena: “Tsa Jesu oa Nasaretha, eo e neng e le monna oa moporofeta ea matla liketsong le lithutong pel'a Molimo le pel'a sechaba sohle, 20kamoo baprista ba baholo le babusi ba rōna ba neelaneng ka eena hore a ahlōleloe lefu kateng, ba bileng ba mo thakhisa. 21Rōna re ne re tšepile hore ke eena ea tla lopolla Iseraele. Ntle ho tsena tsohle, lena ke letsatsi la boraro tsena li etsahetse. 22Empa basali ba bang ba habo rōna ba re makalitse. Ba ile ba tsohella lebitleng, 23feela ba se ke ba fumana setōpō sa hae. Ba khutla ba re ba bone mangeloi a reng oa phela. 24Le ba bang ba neng ba e-na le rōna ba ile ba ea lebitleng, 'me ba fumana ho le joalokaha basali ba ile ba bolela, empa eena ha baa ka ba 'mona.”

25A re ho bona: “Jo, lithoto tse pelo li liehang ho lumela tsohle tseo baporofeta ba ileng ba li bolela! 26Na Kreste o ne a sa tlameha ho hlōkōfatsoa tjee, a nt'o kena tlōtleng ea hae?” 27A qala ka Moshe le ka Baporofeta bohle, a ba qaqisetsa tse amanang le eena, tse Mangolong 'ohle.

28Ha ba atamela motsaneng oo ba eang ho oona, Jesu a etsa sa mokana a fetela pele. 29Ba mo qophella, ba re: “Hlola le rōna, hobane letsatsi le se le rapame, 'me e se e tla ba mantsiboea.” Eaba oa kena, o hlola le bona.

30Eitse ha a le lijong le bona, a nka bohobe, a boka, a bo ngoatha, a ba nea bona. 31Joale ha re etlō! mahlong, 'me ba mo tseba, empa a ba nyamella. 32Ba botsana, ba re: “Ana pelo tsa rōna li ne li sa chese ka ho rōna ha a bua le rōna tseleng, a ntse a re hlalosetsa Mangolo na?”

33Ba ema ka eona nako eo, ba khutlela Jerusalema. Ba fumana ba leshome le motso o mong le ba nang le bona ba phuthehile, 34ba bile ba bolela hore Morena o fela a tsohile, 'me o iponahalitse ho Simone. 35Le bona ba pheta tse etsahetseng leetong la bona, le kamoo ba ileng ba mo tseba kateng, ha a ngoatha bohobe.

Jesu o iponahatsa ho barutuoa ba hae

(Mat. 28:16-20; Mar. 16:14-18; Joh. 20:19-23; Lik. 1:6-8)

36Eare ba sa bua joalo, Jesu a ema har'a bona, a re ho bona: “Khotso e be le lōna!”

37Empa ba tšoha, ba tšaba, ba hopola hore ba bona sethotsela. 38A re ho bona: “Le ferekanetse'ng? Ke ka baka la'ng le hlaheloang ke lipelaelo lipelong tsa lōna? 39Bonang matsoho a ka le maoto a ka, hore ke 'na ka sebele. Ntoboketseng le utloe, hobane sethotsela ha se na nama le masapo, kamoo le mponang ke e-na le tsona kateng.”

40Hoba a rialo, a ba bontša matsoho le maoto a hae. 41Eare ha ba ntse ba sa lumele ke thabo, ba maketse, a re ho bona: “Na le na le ho ka jeoang moo?” 42Ba mo nea leqa la tlhapi e besitsoeng. 43A le nka, a le ja ba mo shebile.

44Joale a re ho bona: “Ke 'ona mantsoe a ka, ao ke ileng ka le bolella 'ona ha ke sa na le lōna, hore eka khona ho phethahale tsohle tse ngotsoeng Molaong oa Moshe, le Baporofeteng, le Lipesalemeng ka 'na.”

45Eaba o ba bula likelello hore ba utloisise Mangolo. 46A re ho bona: “Ho ngotsoe joalo hore eka khona Kreste a hlōkōfatsoe, a tsohe bafung ka tsatsi la boraro, 47le hore ka lebitso la hae, lichaba tsohle li phatlalletsoe pako le tšoarelo ea libe, ho qala Jerusalema. 48Lōna le lipaki tsa litaba tsena. 49Bonang, 'na ke tla le rōmella seo Ntate a le tšepisitseng sona, empa le lule motseng mona ho fihlela ha le apesoa matla a tsoang holimo.”

Jesu o nyolohela leholimong

(Mar. 16:19,20; Lik. 1:9-11)

50Joale Jesu a ba isa kantle ho motse, a ea le bona ho ea fihla Bethania, a phahamisa matsoho, a ba hlohonolofatsa. 51Eitse ha a ntse a ba hlohonolofatsa, a tloha ho bona, a nyolleloa leholimong. 52Hoba ba mo khumamele, ba khutlela Jerusalema ka nyakallo e kholo, 53'me ba 'na ba e-ba ka Tempeleng ka nako tsohle, ba boka Molimo.

LUKA 24 - Sesotho 1989 (LO) (SSO89LO) (2024)
Top Articles
Latest Posts
Article information

Author: Laurine Ryan

Last Updated:

Views: 5804

Rating: 4.7 / 5 (57 voted)

Reviews: 88% of readers found this page helpful

Author information

Name: Laurine Ryan

Birthday: 1994-12-23

Address: Suite 751 871 Lissette Throughway, West Kittie, NH 41603

Phone: +2366831109631

Job: Sales Producer

Hobby: Creative writing, Motor sports, Do it yourself, Skateboarding, Coffee roasting, Calligraphy, Stand-up comedy

Introduction: My name is Laurine Ryan, I am a adorable, fair, graceful, spotless, gorgeous, homely, cooperative person who loves writing and wants to share my knowledge and understanding with you.